Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 47:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba Iseraele o aha lefatsheng la Egepeta, naheng ya Goshene, mme ba rua teng, ba ata, ba ngatafala haholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Yaba Baiseraele ba aha naheng ya Egepeta, seterekeng sa Goshene; ba e rua, ba ata, ba ngatafala haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 47:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.


Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena.


Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao, di be ka ka dinaledi tsa lehodimo; dinaha tsena kaofela ke tla di nea ditloholo tsa hao, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla molokong wa hao,


Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.


Le aheng le rona, naha ke eo e pela lona; ahang le rona, le hwebe, le be barui ho yona.


Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.


Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.


Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.


A ntsha lekgwaba, mme ho yeng la ya, la boya, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.


Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng.


Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.


Jehova a atisa setjhaba sa hae haholo, sa eba matla ho fetisa dira tsa sona.


A ba hlohonolofatsa, a ba ngatafatsa haholo, ha a ka a fokotsa bongata jwa makgomo a bona.


Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.


Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.


Ke tla ba letsetsa molodi, ke ba bokelle, hobane ke ba lopolotse, mme ba tla ata jwalokaha ba ne ba atile pele.


Eitse ha nako e se e atametse eo Modimo o tla phetha pallo eo o neng o e anetse Abrahama, setjhaba sa ata, sa anafala Egepeta.


Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ