Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 46:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ke badisa, hobane mosebesti wa bona ke ho alosa mehlape, mme ba tlisitse manku le makgomo a bona, le dintho tsohle tseo ba nang le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Banna bao ke badisa ba mehlape, hobane haesale ba ruile diphoofolo, mme ba tlile le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgoma, le tsohle tseo ba nang le tsona.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 46:32
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka le mehlape ya hae kaofela, le maruo a hae kaofela, mehlape e neng e le ya hae eo a e ruileng Paddan-Arame, a tloha ho ya ho Isaaka, ntatae, lefatsheng la Kanana.


Meloko ya Jakobo ke ena: Josefa o ne a le dilemo tse leshome le metso e supileng; o ne a ntse a alosa dinku le banababo, mme mohlankanyana eo o ne a tsamaya le bara ba Bilha le bara ba Silpa, basadi ba ntatae; empa Josefa o ne a ntse a sebela ntata bona ditaba tse mpe tsa bona.


A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.


O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.


Josefa a re ho banababo le ho ba ntlo ya ntatae: Ke sa ya, ke ye ho tsebisa Faro, ke re ho yena: Banabeso le ba ntlo ya ntate ba neng ba le naheng ya Kanana ba fihlile ho nna.


Etlere ha Faro a le botsa, a re: Mosebetsi wa lona ke ofe?


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Faro a re ho banababo Josefa: Mosebetsi wa lona ke ofe? Ba re ho Faro: Bahlanka ba hao re badisa, rona le bontata rona.


Yaba Nowe o qala ho lema mobu, a hloma merara.


Hirame a romela bahlanka ba hae dikepeng tseo, e le ba tsebang ho tsamaya lewatleng ka dikepe, ba tle ba tlatse bahlanka ba Salomone.


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Ba tla re: Ha ke moporofeta, ke motho ya lemang mobu, hobane ke ne ke rekwe ke motho botjheng ba ka.


Samuele a eketsa a re ho Jese: Na bao ke bara ba hao kaofela na? A re: Ho sa setse e monyenyane; o mpa a disitse dinku. Samuele a re ho Jese: Romela ho mo lata, hobane re ke ke ra dula dijong, a eso ho fihle.


Davida o ne a etela Saule, a boele a kgutle, ho ya disa dinku tsa ntatae Bethlehema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ