Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 46:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Batho kaofela ba tlileng le Jakobo Egepeta, ba tswileng lethekeng la hae, e ne e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng kantle ho basadi ba bara ba Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Batho hohle ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, ba leloko la hae, ho sa balwe basadi ba bara ba hae, e bile batho ba mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 46:26
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.


Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:


Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.


Yaba Josefa o romela ho lata Jakobo, ntatae, le ba mofuta wa hae kaofela, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.


Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Gideone a ba le bara ba mashome a supileng ba tswileng thekeng la hae, hobane basadi ba hae ba kile ba eba bangata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ