Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 46:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 46:12
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.


Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.


A boela a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.


A boela a tswala mora hape, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe, ha eo a tswalwa.


Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.


Bara ba Levi: Gershone, Kehathe, le Merari.


Bara ba Issaskare: Thola le Puva, le Jobo, le Shimrone.


Bana ke bara ba Iseraele: Ke Rubene, Simeone, Levi, Juda, Issaskare, Sabulone,


Bara ba Davida, bao a ba tswaletsweng a le Hebrone ke bana: Wa letsibolo ke Amnone wa Akinoame wa Jisreele; wa bobedi ke Daniele wa Abigaile wa Karmele;


Bara ba Juda ke Peretse, Hetsrone, Karmi, Hure, le Shobale.


Bara ba Shela, mora Juda, ke Ere ntata Leka, le Laeda ntata Maresha, le masika a ba neng ba sebetsa masela a lene, e le ba ntlo ya Ashbea,


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


e leng Uthai, mora Ammihude, mora Omri, mora Imri, mora Bani, wa bara ba Peretse, mora Juda.


ho bara ba Sera, ke Jeuele le banababo, e leng batho ba makgolo a tsheletseng a mashome a robileng mono o le mong.


Phethahia, mora Meshesabeele, wa bara ba Sera, mora Juda, o ne a beilwe ke morena ho ela ditaba tsohle tsa setjhaba hloko.


empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.


Hlohonolofatso ya Juda ke ena: Moshe a re: Jehova, utlwa lentswe la Juda, o mo ise setjhabeng sa hae; matsoho a hae a mo lwanele, mme o be thuso ya hae ho lwantsha dira tsa hae.


hobane ho tsejwa hoba Morena wa rona o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Jehova a araba, a re: Ho futuhe Juda; bonang, ke neetse lefatshe matsohong a hae.


Ntlo ya hao e be jwaloka ntlo ya Peretse, eo Tamare a mo tswaletseng Juda, ka bana bao Jehova a tla o nea bona ka morwetsana eo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ