Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 44:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 44:20
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a neela moya, a se a eshwa, a mo rea lebitso la Benoni (mora wa bohloko ba ka); empa ntatae a mo rea la Benjamine (mora wa le letona la ka).


Ba bolellana, ba re: Bonang raditoro, ke yane ya tlang!


Iseraele o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela, kahobane e le mora wa botsofadi ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se mebalabala.


Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.


Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.


Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.


Bara ba Benjamine: Bela, le Bekere, le Ashbele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Muppime, le Huppime, le Arde.


Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.


Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ