Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 44:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 44:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re: Oho! Morena a se ke a halefa, ha ke ntse ke bua. Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mararo feela. Mme a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mararo, nke ke ka etsa.


A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.


A re ho bona: A le keng le mamele toro ena eo ke e lorileng.


Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.


Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.


Ke wena ya tlang ho ba mmusisi wa ntlo ya ka, mme setjhaba sa ka kaofela se tla buswa ka molomo wa hao; ke tla ba moholo ho wena ka terone feela.


Faro a re ho Josefa: Ke nna Faro, mme haese ka taelo ya hao, ha ho motho ya ka emisang letsoho la hae, kapa leoto la hae naheng yohle ya Egepeta.


Yaba o re: Nke ke ka ba ka etsa taba eo! Motho eo senwelo se fumanweng ho yena, ke yena ya tlang ho ba lekgoba la ka, empa lona, ikeleng ka kgotso ho ntata lona.


Mosadi a re: Lekgabunyane la hao le ke le eketse ho bua pela morena, monga ka. Morena a re: Bua.


Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Mamela, Jobo, o be o nkutlwe! o thole, mme ke tla bolela!


Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?


Aarone a re: Bohale ba monga ka bo se ke ba tuka. Tjhaba sena o a se tseba hoba se sekametse bobeng.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.


Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo yohle,


Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ