Ebile moo Josefa a sitwang ho itiisa pontsheng ya bohle ba mo teetseng hare, mme a howa, a re: Batho bohle ba ho nna ba tswe. Mme ha ho a ka ha eba motho ya salang le yena, ha a itsebisa banababo.
Ho itswe ke Jehova: Kganna lentswe la hao, o se ke wa lla, le mahlo a hao a se ke a tsholla meokgo, hobane mosebetsi wa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, mme ba tla kgutla lefatsheng la sera.