Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 43:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 43:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.


Yaba o phahamisa lentswe, a lla, mme Baegepeta ba utlwa, le ba ntlo ya Faro ba utlwa.


Yaba Josefa o bofa koloi ya hae, a ya kgahlanyetsa Iseraele, ntatae, Goshene; eitse ha a fihla ho yena, a wela molaleng wa hae, a lla halelele molaleng wa hae.


Empa mosadi eo ngwana ya phelang e leng wa hae, a sehwa ke mala ka baka la ngwana hae, mme a bolella morena, a re: Oho, monga ka, ha ho mpe ho newe enwa ngwana ya phelang, a se ke a bolawa. Empa e mong a re: E ke ke ya eba wa ka, leha e le wa hao; a petsolwe.


Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


kamoo ke sebeleditseng Morena kateng, ka boikokobetso bohle, le ka meokgo e mengata, le ka meleko e ntlhahetseng ka baka la merero ya Bajuda;


Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.


Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.


Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.


Ka baka leo, ekare ha tshediso e le teng ho Kreste, ha ho le kgothatso ya lerato, ha ho le kopano ya Moya, ha ho le lereko le mehauhelo,


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


ke ntse ke hopola meokgo ya hao, mme ke lakatsa haholo ho o bona, ke tle ke tlale thabo;


Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ