Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 43:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba o ba botsa tsa ho phela ha bona, a re: Ntata lona o sa ntse a dutse hantle, leqheku leo le mpoleletseng lona na? O sa ntse a phela na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Jwale a ba botsa bophelo, a re: “Na ntata lona, monnamoholo eo le ileng la bua ka yena, o ya hantle? Na o ntse a phela?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 43:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.


Kaofela ha rona re bara ba monna a le mong, re batho ba sebele, bahlanka ba hao, ha re dihlwela.


Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.


Ba re: Monna eo o re botsisitse hodima rona le hodima babo rona, a re: A ntata lona o sa phela na? A ngwanabo lona e mong o teng na? Ra mmolella kamoo a re botsang kateng. Na re ne re ka tseba jwang hoba o tla re: Tsamayang, le ye ho lata ngwanabo lona?


Yaba Josefa o re ho banababo: Ke nna Josefa; a ntate o sa phela na? Empa banababo ba sitwa ho mo araba, hobane ba ne ba sisimoloha ha ba mmona.


Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.


a romela mora hae Hadorame ho morena Davida ho ya mo dumedisa le ho mo leboha, kamoo a lwantshitseng Hadaresere kateng, a bileng a mo hlotse; hobane Hadaresere o ne a lwantsha Thou kamehla. Hadorame a tlisa diphahlo tse mefutafuta ya kgauta le ya silefera le ya koporo.


Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.


Kahoo, ba fapohela teng, ba kena tlung ya mohlankana wa Molevi, tlung ya Mika, mme ba mmotsa tsa ho phela ha hae.


Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.


Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ