Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.
Yaba banna bao ba tshoha, ha ba iswa tlung ya Josefa, ba re: Ke ka baka la tjhelete tse kgutliseditsweng mekotleng ya rona mohlang oo re iswang teng, re tle re tsekiswe, a re tsohele matla, a re tshware rona le diesele tsa rona, a re etse makgoba a hae.
Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae.
Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.
Le hona Jesu a bolella barutuwa ba hae, a re: Motho wa morui o ne a le teng, ya nang le qhoku, mme ya qoswa ho yena, ha thwe, e qhalantse letlotlo la hae.