Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 43:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba banna bao ba tshoha, ha ba iswa tlung ya Josefa, ba re: Ke ka baka la tjhelete tse kgutliseditsweng mekotleng ya rona mohlang oo re iswang teng, re tle re tsekiswe, a re tsohele matla, a re tshware rona le diesele tsa rona, a re etse makgoba a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 43:18
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.


E mong wa bona eitse ha a lokolla mokotla wa hae, a re o fepa esele ya hae moo ho robalwang teng, a bona tjhelete ya hae e dutse molomong wa mokotla wa hae.


A re ho banababo: Tjhelete ya ka ke e buseditswe, ebile ke ena mokotleng wa ka! Yaba pelo tsa bona di a tepella, ba bolellana ba tshohile, ba re: Na Modimo o re etseditseng taba ena?


Eitse ha ba tsholla mekotla ya bona, ba fihlela e mong le e mong a ena le seshoba sa tjhelete ya hae mokotleng wa hae. Yare ha ba bona dishoba tsa tjhelete ya bona, ba tshoha, bona le ntata bona.


Monna eo a etsa kamoo Josefa a laetseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.


Ba atamela mohlahlobi wa ntlo ya Josefa, ba bua le yena monyako wa ntlo,


Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?


mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!


Ba ntlela jwaloka hola ba kena ka sekheo se ahlameng, ba itihela ka lerata la tshenyo.


Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.


Yaba ke a nahana hore ke utlwisise taba tseo, mme ka fihlela hoba ke mosebetsi o thata,


Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.


Yaba mahosana le marenana a batla sebaka sa ho qosa Daniele mosebetsing wa mmuso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlolo, etswe e be e le motho ya tshepehang, mme ho ne ho sa fumanwe tshito ho yena, leha e le bokgopo.


Empa Heroda ha a utlwa, a re: Johanne, eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.


Empa sebe se nkile sebaka taelong, mme se hlahisitse ditakatso tsohle ka ho nna; hobane molao ha o le siyo, sebe se shwele.


mme a mo tlama ka ditaba tse mpehadi, tse senyang lebitso la hae, a mo hobosa, a re: Ke nkile mosadi eo, mme ha ke tlile ho yena, ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho yena;


bonang, o mmeile taba tse mpehadi, a re: Ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho moradi wa hao. Athe bonang, dipontsho tsa borwetsana tsa moradi wa ka ke tsena. Jwale ba tla phutholla kobo pela baholo ba motse.


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ