Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 42:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 42:38
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A se tseba, a re: Seaparo sa mora ka! Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotswe, o harotswe!


Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.


Rubene a arabela ntatae, a re: Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, o tle o bolaye bara ba ka ba babedi; nnee yena matsohong a ka, mme ke tla mmusetsa ho wena.


Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.


Le be le nke ngwanabo lona, le tloheng, le boeleng ho motho eo.


Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.


Ra re ho morena ka: Mohlankana eo ha a na ho tlohela ntatae; ha a ka tloha ho ntatae, ntatae a ka shwa.


O etse ka bohlale ba hao, o se ke wa lesela moriri wa hae o moputswa ho theohela lebitleng ka kgotso.


Tsela ya yona e benya mehlaleng ya yona, ho le jwaloka hoja lewatle e le moriri o moputswa.


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse.


E sa le nna enwa ho isa boqhekung ba lona, mme ke tla nne ke le pepe ho isa le botsofading bo bosweu; ke entse jwalo, mme ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ