Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 42:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 42:36
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rubene a arabela ntatae, a re: Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, o tle o bolaye bara ba ka ba babedi; nnee yena matsohong a ka, mme ke tla mmusetsa ho wena.


Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!


Yaba o phenyokolla ho qala ka e moholo ho qetella ka e monyenyane; mme senwelo sa fumanwa mokotleng wa Benjamine.


Iseraele a re: Ho lekane! Josefa, moraka, o sa phela; ke tla ya, ke ye ho mmona, ke eso ho shwe.


Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.


Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ