Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 42:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Eitse ha ba tsholla mekotla ya bona, ba fihlela e mong le e mong a ena le seshoba sa tjhelete ya hae mokotleng wa hae. Yare ha ba bona dishoba tsa tjhelete ya bona, ba tshoha, bona le ntata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ha ba tsholla mekotla ya bona, bonang, e mong le e mong a fumana sephuthelwana sa tjhelete ya hae ka mokotleng wa hae; taba ena ya ba tshosa mmoho le ntata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 42:35
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.


Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.


yare ha re fihla moo ho robalwang, ra lokolla mekotla ya rona; ra tshoha tjhelete ya e mong le e mong e le molomong wa mokotla wa hae, tjhelete ya rona ka tekanyo ya yona, mme re boetse re e tlisitse matsohong a rona.


Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae.


o nkile mokotlana wa tjhelete, o tla boela hae ka kgwedi e tla thwasa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ