Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:56 - Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Tlala e ne e aparetse naha yohle; yaba Josefa o bula mediko kaofela, a rekisa ho Baegepeta; mme tlala ya nna ya tota lefatsheng la Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

56 Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:56
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.


mme ho tla hlaha dilemo tse supileng tsa tlala kamora tsona, mme nala kaofela e tla lebalwa lefatsheng la Egepeta, tlala e qete naha.


ba bokelle dijo tsohle tsa dilemo tseo tse ntle tse tlang, ba bee koro matleng a Faro, ba boloke dijo metseng.


Yare ha naha yohle ya Egepeta e kenwa ke tlala, setjhaba sa llela bohobe ho Faro; Faro a re ho Baegepeta kaofela: Eyang ho Josefa, le etseng seo a tlang ho le bolella sona.


Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Tlala ya nna ya tota lefatsheng. Eitse hobane ba qete koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: Boelang le ye ho re rekela dijonyana.


Dilemo tse mashome a supileng ha di se di fetile, Jehova o tla hopola Tire; o tla kgutlela maruong a manyala a hae, a iketse seotswa mebusong yohle e bophareng ba lefatshe.


Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.


hobane le tla wela ba ahileng lefatsheng lohle jwaloka sefi.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ