Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Josefa a bokella koro e ka ka lehlabathe la lewatle ka bongata, e ngata-ngata, ho fihlela a ba a lesa ho e bala, hobane e ne e se na palo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

49 Josefa a bokella koro e ngata haholo, jwaloka lehlabathe la lewatle, ho fihlela a kgaotsa ho e bala, hobane e ne e ke ke ya balwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:49
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Yaba o bokella dijo kaofela tsa dilemo tse supileng, tse nnileng tsa eba teng fatsheng la Egepeta, a boloka dijo metseng, a bea motseng o mong le o mong dijo tsa naha e ka mathoko.


Bara ba babedi ba ne ba tswallwe Josefa dilemo tsa tlala di eso ho fihle, bao Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


wa ba nesetsa nama e ka ka lerole, le dinonyana tse mapheo tse kale ke lahlabathe la mawatle,


Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.


Ba ne ba tla ka mehlape ya bona le ditente tsa bona, ba tle ba le ka ka ditsie, ba se na ho balwa, bona le dikamele tsa bona; mme ba ne ba senya lefatshe.


Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ