Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Faro a re ho Josefa: Haele mona Modimo o o senoletse taba tsena tsohle, ha ho motho ya utlwisisang, ya bohlale jwaloka wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:39
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.


Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.


Ke yona taba eo ke e boleletseng Faro: Seo Modimo o tlang ho se etsa o se bontshitse Faro.


Jwale, Faro a ke a bone motho ya masene, ya bohlale, mme a mmee hodima naha ya Egepeta.


Haele wena, Esdrase, ka bohlale ba Modimo wa hao boo o nang le bona, o ke o bee baahlodi le bahlahlobi ba ahlolang setjhaba sohle se mose wane ho noka, e leng bohle ba tsebang melao ya Modimo wa hao; haele e mong le e mong ya sa e tsebeng, le mo rute yona.


Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.


Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?


Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ