Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Taba ena ya kgahlisa Faro le bahlanka ba hae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:37
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dijo tseo e tla ba nyase ya naha ka dilemo tse supileng tsa tlala tse tlang ho ba teng naheng ya Egepeta, naha e tle e se ke ya eshwa ke tlala.


Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?


Botumo ba utlwahala ka tlung ya Faro ba hore banababo Josefa ba tlile. Faro le bahlanka ba hae ba itumela.


Setjhaba sohle ha se utlwa hoo, sa kgahlwa ke hona, jwalokaha setjhaba sohle se be se ntse se kgahlwa ke tsohle tse etswang ke morena.


Akabe a botsa Nabothe, a re: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e etse tshimo ya meroho, hobane e haufi le ntlo ya ka; bakeng sa yona ke tla o nea tshimo ya merara e e fetisang; kapa ha o rata, ke tla o nea tjhelete e lekaneng ho e reka.


ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.


Leleme la ya lokileng ke silefera e hlwekileng; empa pelo ya e mobe ke lefeelafelane.


Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ