Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 40:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 40:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.


ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.


ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro o tla o tlosa hlooho, a o fanyehe sefateng; mme dinonyana di tla ja nama ya hao e ho wena.


Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.


selemong sa boraro sa puso ya hae, a etsa seboka, a se etsetsa mahosana wohle a hae, le bafo ba hae, le makgotla a Persia le a Media, le marenana, le babusisi ba dinaha tsa hae, ba phuthehileng pela hae.


Kamora tseo, Jobo a ahlamisa molomo wa hae, a rohaka letsatsi leo a tswetsweng ka lona.


ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa kgoleho ya Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, selemong seo a qadileng ho busa ka sona, a emisa hlooho ya Jojakine, morena wa Juda, a mo ntsha teronkong.


Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.


Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona.


Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ