Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 40:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro o tla o tlosa hlooho, a o fanyehe sefateng; mme dinonyana di tla ja nama ya hao e ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 40:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.


Serotong se ka hodimo ho ne ho le dijo tsa mefutafuta tsa tse phehwang tsa Faro, mme dinonyana tsa di ja serotong seo ke se rwetseng hloohong ya ka.


Yaba Josefa o mo araba, a re: Phuthollo ya teng ke ena: Diroto tse tharo ke matsatsi a mararo;


Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;


mme a fanyeha molaodi wa baapehi, kamoo Josefa a neng a ba phutholletse kateng.


Yare kamoo a neng a re phutholletse kateng, ha fela ha eba jwalo; nna, Faro a mpusetsa kabelong ya ka, mme elwa a mo fanyeha.


Yaba Ritspa, moradi wa Aja, o nka lesela le mahwashe, a ikalla lona hodima lefika, haesale ho qalwa ho kotulwa, ho isa ha metsi a lehodimo a nela ditopo tsa bona, a se ke a dumella dinonyana tsa lehodimo ho tla dula hodima tsona motshehare, leha e le dibatana tsa naha bosiu.


a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.


O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


Ebile Joshua o a ba hlaba, a ba bolaya, a ba fanyeha difateng tse hlano; ba sala ba fanyehilwe difateng, ya ba ya eba mantsiboya.


A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.


Mofilesta a eketsa a re ho Davida: Tloo ho nna, ke nee dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha nama tsa hao.


Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ