Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Etlare ha o lema lefatshe, le ke ke la o hlahisetsa tsa lona; o tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 4:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kaine a re ho Jehova: Kotlo ya ka e kgolo ho fetisa see nka se jarang.


Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


Bana ba hae e ke e be melele e kopang, ba sikile hole le ntlo ya bona e senyehileng.


Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.


Modimo wa ka o tla ba lahla, hobane ha ba ka ba o utlwa; e tla ba basepedi hara ditjhaba.


Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Hobane tse bopilweng di ne di bewe tlasa mmuso wa bosawana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng katlasa wona;


Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ