Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 38:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 38:24
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.


Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.


Ba re: Na kgaitsedi ya rona e ka etswa jwaloka seotswa na?


Juda a re: A ipolokele, esere mohlomong re ka hlabiswa dihlong; kanthe potsanyane eo ke e rometse, mme ha o a ka wa mo fumana.


Yaba Davida o halefela motho eo haholo, a re ho Nathane: Ka Jehova ya utlwang, motho ya entseng hoo o lokelwa ke lefu.


Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.


Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Empa wa nna wa tshepa botle ba hao, mme ka ho tshepa lebitso la hao wa nna wa boka, wa tshela bohle ba fetang ka bootswa ba hao, wa re, ke jwa bona.


wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.


O bokile le bana ba Egepeta ba ahisaneng le wena, ba dinama di tiileng, mme wa atisa bootswa ba hao, hore o tle o nkgalefise.


O mpa o sa ka wa kgolwa ke tseo, wa boela wa boka le bana ba Assiria; le teng, leha o ba bokile, ha o a ka wa kgolwa.


Ba tla tjhesa matlo a hao ka mollo, ba o otle ka dikahlolo pontsheng ya basadi ba bangata; ke tla etsa hore o phetse ho ba seotswa, mme ha o sa tla nea ba bang moputso.


A mpa a totisa bohlola ba hae, a ntse a eleletswe tshiu tsa botjha ba hae tsa mohla a etsang bohlola naheng ya Egepeta;


Ha uwa ho yena jwalokaha ho uwa ho mosadi wa seotswa; ha uwa jwalo ho Ohola le ho Oholiba, basadi bana ba dihlola.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Ka re ho yena: Ka matsatsi a mangata o ntulele, o se ke wa feba, o se ke wa kopana le monna; le nna nke ke ka kopana le wena.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.


Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong.


Ha o ena le tumelo, o be le yona kahare ho wena pela Modimo. Motho ya lehlohonolo ke eo letswalo la hae le sa mo tsweng dinthong tseo a di emelang.


Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


Serethe seo sa hae sa feba, sa mo tlohela; sa kgutlela ha ntata sona, Bethlehema-Juda, sa dula teng sebaka sa kgwedi tse nne.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ