Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 38:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Juda a re: A ipolokele, esere mohlomong re ka hlabiswa dihlong; kanthe potsanyane eo ke e rometse, mme ha o a ka wa mo fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Juda a re: “Seotswa seo se ka ipolokela dintho tseo e le tsa sona, esere ra tshehwa. O a bona, ke rometse potsanyane ena, empa ha o a ka wa fumana seotswa seo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 38:23
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o kgutlela ho Juda, a re: Ha ke a ka ka mo fumana, mme banna ba motse ba bile ba mpolella, ba re: Ha ho seotswa mona.


Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!


O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.


O tla fihlelwa ke kotlo le dihlong, ho nyediseha ha hae ho ke ke ha ba ha hlakolwa.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ