Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A se tseba, a re: Seaparo sa mora ka! Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotswe, o harotswe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Iseraele a se tseba, mme a re: “Ke seaparo sa mora wa ka! Sebatana se mo jele; ruri Josefa o tsekolotswe ke sebatana.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:33
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloong jwale, re mmolayeng, re mo diheleng lemeneng le leng, re tle re re: O rusolotswe ke selalome; re bone hore ditoro tsa hae di tla fella kae.


Ba romela seaparo se mebalabala, ba se isa ho ntata bona, ba re: Re fumane ntho ena; ako e tsebe hore na ke seaparo sa mora hao, kapa ha se sona?


Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.


Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.


E mong o ntahlehetse, mme ke itse: Ruri o rusolotswe, mme ho tloha moo ha ke a ka ka hlola ke mmona.


Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.


Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo.


Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.


Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.


Jesu a mo araba, a re: Seo ke se etsang, ha o se tsebe hona jwale, empa o tla se tseba hamorao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ