Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Jakobo ba araba Sikeme le Hamore, ntatae, ba bua ka mano, kahobane o ne a sentse Dina, kgaitsedi ya bona,


Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Yaba ba hahola diaparo tsa bona, mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae, ba kgutlela motseng.


Ebile Davida o tshwara diaparo tsa hae, a di hahola; le banna ba ho yena ba etsa jwalo.


Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.


A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena tlung ya Jehova.


Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.


Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.


Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,


Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,


Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ