Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:28
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi eo a mo tswalla Simrane, le Jokshane, le Medane, le Midiane, le Jishbake, le Shua.


Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.


Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.


Josefa a iswa Egepeta, mme Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi, Moegepeta, a mo reka ho Baishmaele ba mo isitseng teng.


Hobane ke utswitswe fatsheng la Baheberu, mme le kwano ha ke a etsa letho leo ba neng ba ka nkenya teronkong ka baka la lona.


Yare ha banababo Josefa ba bona hoba ntata bona o shwele, ba bolellana, ba re: Jwale Josefa o tla re hloya, a busetse ho rona bobe bohle boo re kileng ra mo etsa bona?


A romela motho ho ba etella pele; Josefa a rekelwa ho ba mofo ya ruwang.


O ba etse jwalokaha o entse Midiane, le Sisera, le Jabine, nokaneng ya Kishone,


Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.


Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.


O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova.


Yaba ba hula Jeremia ka marapo, ba mo nyolla lemeneng; mme Jeremia a dula lebaleng la ntlo ya teronko.


Ba dilemo tse hlano, ho isa ho tse mashome a mabedi, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse mashome a mabedi, ngwanana e be ka dishekele tse leshome;


Lebitso la mosadi wa Midiane ya bolailweng, e ne e le Kosbi, moradi wa Tsure, morena wa setjhabana le wa ntlo e nngwe ya bontata Bamidiane.


a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.


Ke moo ho etsahetseng ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Ba nkile ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekanntsweng, eo bara ba Iseraele ba mo lekantseng jwalo,


Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,


Batho ba Iseraele ba re ho Gideone: O re buse, e le wena, le mora hao, le setloholo sa hao, etswe o re namoletse matsohong a Bamidiane.


Gideone a boela a re ho bona: Ke kopa ntho e le nngwe ho lona, ke re: Nneeng e mong le e mong mefitshana eo le e hapileng. Hobane Bamidiane ba ne ba na le mefitsana ya kgauta, etswe e ne e le Baishmaele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ