Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Tloong jwale, re mmolayeng, re mo diheleng lemeneng le leng, re tle re re: O rusolotswe ke selalome; re bone hore ditoro tsa hae di tla fella kae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:20
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bolellana, ba re: Bonang raditoro, ke yane ya tlang!


Juda a re ho banababo: Na re tla ruang, leha re ka bolaya ngwanabo rona, ra peta madi a hae na?


Ba romela seaparo se mebalabala, ba se isa ho ntata bona, ba re: Re fumane ntho ena; ako e tsebe hore na ke seaparo sa mora hao, kapa ha se sona?


A se tseba, a re: Seaparo sa mora ka! Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotswe, o harotswe!


Yaba Josefa o re ho banababo: Ke nna Josefa; a ntate o sa phela na? Empa banababo ba sitwa ho mo araba, hobane ba ne ba sisimoloha ha ba mmona.


Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo.


Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.


Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?


Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela.


Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi.


Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.


Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;


Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Ekare ha ke le bolella tsa lefatshe, mme le sa dumele, na le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo?


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Bona jwalo, ke a tseba hobane o tla ba morena ruri, le mmuso wa Iseraele o tla tiya matsohong a hao.


Ebile Saule o tloha, a theohela lefeelleng la Sife, a ena le kete tse tharo tsa ba kgethilweng ba Iseraele, e le hore a yo batla Davida lefeelleng la Sife.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ