Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Ba bolellana, ba re: Bonang raditoro, ke yane ya tlang!


Yare ha banababo Josefa ba bona hoba ntata bona o shwele, ba bolellana, ba re: Jwale Josefa o tla re hloya, a busetse ho rona bobe bohle boo re kileng ra mo etsa bona?


Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


A fetola pelo tsa bona, ba ba ba hloya setjhaba sa hae, ba rera timelo ya bahlanka ba hae.


Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela.


hobane ke utlwa ditshebo tse wewetswang ke bongata; tshoho e ntlela kahohle, ha ba botsana hammoho bakeng sa ka, ba rera ho tlosa bophelo ba ka.


Empa ke itshepela wena, Jehova; ke re: O Modimo wa ka!


Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.


E mobe o lalla ya lokileng, o batla a ka mmolaya;


Ba bokanela bophelo ba ya lokileng, ba tswa madi a se nang molato.


Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.


Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.


Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Eo ke mojalefa; tlong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.


Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.


Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse.


Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ