Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 36:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, baradi ba hae, le batho kaofela ba ntlo ya hae, le mehlape ya hae, le dikgomo tsa hae kaofela, le letlotlo la hae lohle leo a le boneng naheng ya Kanana, mme a ya naheng esele, hole le Jakobo, moenae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 36:6
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrame a nka Sarai, mosadi wa hae; le Lota, mora moenae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile, le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, mme ba tloha ho ya lefatsheng la Kanana, ba ba ba fihla lefatsheng la Kanana.


Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana.


Empa naha e ne e sa ba lekane ho dula hammoho, hobane maruo a bona a ne a le maholo, mme ba sitwa ho dula hammoho.


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


Oholibama a tswala Jeushe, le Jaelama, le Kore: bao ke bara ba Esau bao a ba tswaletsweng naheng ya Kanana.


Jafane, Tubale le Mesheke le bona ba ne ba hweba le wena, ba tlisitse meya ya batho le mesebetsi ya koporo ho rekisa ka yona.


le sinamone, le dibano, le mira, le diarubetso, le veine, le ole, le lefi la phofo, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le mmele le meya ya batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ