Hushame a shwa, mme kamora hae ha busa Hadade, mora Bedade, ya kileng a hlola Bamidiane, naheng ya Moabe; mme lebitso la motse wa hae e ne e le Avithe.
Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.
ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.