Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 36:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mahosana a bara ba Esau ke ana: Ho bara ba Elifase, mora Esau wa letsibolo, ke kgosana Themane, le kgosana Omare, le kgosana Tsefo, le kgosana Kenase,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ana ke mahosana a bara ba Esau. Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 36:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Oholibama, mosadi wa Esau moradi wa Ana, moradi wa Tsibeone, ya eba bana: A tswalla Esau Jeushe le Jaelame, le Kore.


le kgosana Kore, le kgosana ya Gaethame, le kgosana Amaleke. Ke wona mahosana a Elifase naheng ya Edomo. Bao ke bara ba Ada.


Bara ba Oholibama, mosadi wa Esau, ke bana: Ke kgosana Jeushe, le kgosana Jaelame, le kgosana Kore. Bao ke mahosana a Oholibama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.


Ada a tswalla Esau Elifase; Basmathe a tswala Reuele;


Jobabe yena mohla a timelang, ha busa Hushame wa naha ya Bathemane tulong tsa hae.


Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.


Lesika la bona le tiiswa keng pela bona le mabapa le bona, mme ditloholo tsa bona di atleha keng pela bona?


Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Edomo, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng baahi ba Themane. Ruri, ba sa tla be ba ba hulanye jwaloka dikonyana tse nyenyane! Ruri, leaho la bona le tla senngwa hammoho le bona.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.


Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ