Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a haha aletare teng; mme motse oo a o rea Ele-Bethele, (Modimo wa Bethele), kahobane ke moo Modimo o nong o iponahatse ho yena, mohla a balehelang moholwane wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


A tshoha, a re: Nqalo ena e tshabeha hakakang! Mona ke ntlo ya Modimo, ke monyako wa lehodimo!


A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


Yaba Jakobo o tswela pele, a ya naheng ya bana ba Botjhabela.


Ke nna Modimo wa Bethele, moo o kileng wa tlotsa mokolokotwane, le moo o kileng wa nkanela ka kano. Raoha jwale, o tlohe naheng ena, o boele lefatsheng la ba heno.


Modimo wa re ho Jakobo: Raoha, o ye Bethele, o ahelle teng, o etse teng aletare ho Modimo o iponahaditseng ho wena mohla o balehelang Esau, moholwane wa hao.


Mme Jakobo a rea nqalo eo Modimo o buileng le yena ho yona lebitso la Bethele.


Re ntoo tloha, re ye Bethele, ke tswe ke etsa teng aletare ho Modimo o nkarabileng mohla ke leng tsietsing, mme wa eba le nna tseleng eo ke e tsamaileng.


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ