Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba Isaaka o neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi; mme Esau le Jakobo, bara ba hae, ba mo epela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:29
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele wena, o tla orohela ho bontatao ka kgotso, o epelwe ha o se o hodile ho hotle.


Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.


Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


ke mpe ke phomole le bontate; o ntlose Egepeta, o ye ho mpata mabitleng a bona. A re: Ke tla etsa jwalokaha o boletse.


Ke moo Abrahama le Sara, mohatsa hae, ba patilweng teng; ke moo Isaaka le Rebeka, mohatsa hae, ba patilweng teng; ke moo ke patileng Lea teng.


Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.


O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ