Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Jakobo a fihla ho ntatae Isaka, ha a le Mamore, motseng wa Kiriate-Areba, e leng Heborone, moo Aborahama le Isaka ba neng ba jakile teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:27
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.


Yaba ho fihla mobalehi e mong, a bolella Abrame, Moheberu, ya ahileng dieikeng tsa Mamre, Moamore, ngwanabo Eshkole le Anere, ba neng ba ena le selekane le Abrame.


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.


Kamora tseo, Abrahama a pata Sara, mosadi wa hae, lehaheng la tshimo ya Makpela e pela Mamre, e leng Hebrone, naheng ya Kanana.


Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.


Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.


A nka le mehlape ya hae kaofela, le maruo a hae kaofela, mehlape e neng e le ya hae eo a e ruileng Paddan-Arame, a tloha ho ya ho Isaaka, ntatae, lefatsheng la Kanana.


Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


A ba laela, a re ho bona: Nna, ke orohela setjhabeng sa heso, le tle le mpate ho bontate, lehaleng le tshimong ya Efrone, Mohethe;


Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.


Davida a ya le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, mme ba dula metseng ya Hebrone.


Yaba meloko yohle ya Iseraele e tla ho Davida, Hebrone, ba bolela, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.


Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.


ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ