Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:23
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.


Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa.


A bea makgabunyane le bana ba wona kapele, mme kamora bona a bea Lea le bana ba hae, mme Ragele le Josefa a ba bea kamoraorao.


Rubene, ke wena letsibolo la ka, matla a ka, sehlooho sa bonna ba ka; o tshwere sehlooho sa boholo, le sehlooho sa bonatla.


Bana ba Simeone, e leng bahale ntweng, ba tla ba entse kete tse supileng tse nang le lekgolo le le leng.


Haele bakeng sa meloko ya Iseraele, molaodi wa Barubene e ne e le Eliesere mora Sikri; wa Basimeone e ne e le Shefathia, mora Maaka;


Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:


Meedi ya motse ke ena: ka nqa leboya, tekanyo ya teng ke ditswe tse kete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.


Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona; mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.


Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;


Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;


Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;


Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe,


Rubene ke mora wa letsibolo wa Iseraele. Bana ba Rubene ke Henoke; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahenoke; Pallu le ntlo ya Bapallu;


Ke ana mabitso a banna bao: Bakeng sa leloko la Juda, Kalebe, mora Jefunne;


Ya kileng a hlahisa kabelo ya hae ka tsatsi la pele, ya eba Nasone, mora Amminadabe, wa leloko la Juda.


Yaba o mo nea selekane sa lebollo. A tswala Isaaka jwalo, a mmolotsa ka letsatsi la boroba meno e le mmedi. Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo yena a tswala bapatriareka ba leshome le metso e mmedi.


Hape, Moshe a laela setjhaba ka lona letsatsi leo, a re:


Rubene a ke a phele, a se ke a shwa, mme palo ya batho ba hae e se ke ya eba nyenyane.


Moshe o ne a se a abetse leloko la bana ba Rubene lefa, ka matlo a bona.


Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.


Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.


Karolo ya boraro ya laolelwa bana ba Sabulone ka matlo a bona.


Karolo ya bone ya laolelwa Issaskare, ke ho re, bana ba Issaskare ka matlo a bona.


ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi.


Marenana a Issaskare a tla le Debora; Issaskare le yena Barake ba nehella sekgutlong ka mora hae. Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.


Sabulone le Nefthali ke tsona ditjhaba tse sa kang tsa re letho ka lefu, mohla ho lwanwang diphahameng tsa naha.


Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ