Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yare ha a neela moya, a se a eshwa, a mo rea lebitso la Benoni (mora wa bohloko ba ka); empa ntatae a mo rea la Benjamine (mora wa le letona la ka).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Empa yare ha a le lekgatheng la ho neela moya, hobane o ile a shwa, a rea mora eo lebitso la Bene-Oni, empa ntatae a mo rea lebitso la Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:18
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.


Yare ha pelehi ya hae e le thata, mmelehisi a re ho yena: Se tshohe, hobane o boetse o tlelwa ke mora.


Ragele a shwa jwalo, mme a epelwa tseleng e yang Efrata, e leng yena Bethlehema.


Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.


Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.


Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!


Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.


Jaebetse yena o ne a hlompheha ho ena le banababo; mme mmae o ne a mo reile lebitso la Jaebetse, ka ho re: Ke mo tswetse ka bohloko.


hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.


Sireletsa motho, mosebetsi wa letsoho la hao le letona, le mora wa motho eo o ikgethetseng yena.


Ba tla kgella madi a yona, ba foke dikosene tsa menyako le mosehlelo o hodima menyako ya matlo ao ba jelang ho wona.


Ba re ho bomma bona: Bohobe le veine di kae na? Ba rialo ba ntse ba fela, jwaloka ba hlabilweng mapatlelong a motse, ba ntse ba neela meya ya bona difubeng tsa bomma bona.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.


Ha ba sa ntse ba mo tlepetsa, Setefane a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ