Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le naha eo ke e neileng Abrahama le Isaaka, ke tla o nea yona; le ditloholo tsa hao tse kamora hao, ke tla di nea naha ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


wa re ho nna: Bona, ke tla o atisa, ke o anafatse, ke o etse letshwele la ditjhaba, ke o fe lefatshe lena, wena le ditloholo tsa hao kamorao ho wena, e be lefa la kamehla.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


eo a kileng a e etsa komelo e tiileng ho Jakobo, le selekane se sa feleng ho Iseraele,


Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ