Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Modimo wa re ho Jakobo: Raoha, o ye Bethele, o ahelle teng, o etse teng aletare ho Modimo o iponahaditseng ho wena mohla o balehelang Esau, moholwane wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Modimo a re ho Jakobo: “Tsamaya, o nyolohele Bethele, o yo aha teng; teng o hahele Modimo aletare, Modimo ya iponahaditseng ho wena, ha o ne o baleha moholwane wa hao Esau.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.


Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


Yaba Jakobo o tswela pele, a ya naheng ya bana ba Botjhabela.


Ke nna Modimo wa Bethele, moo o kileng wa tlotsa mokolokotwane, le moo o kileng wa nkanela ka kano. Raoha jwale, o tlohe naheng ena, o boele lefatsheng la ba heno.


Jehova a re ho Jakobo: Kgutlela lefatsheng la bontatao le ho banabeno, mme ke tla ba le wena.


Ba re: Na kgaitsedi ya rona e ka etswa jwaloka seotswa na?


Mme Jakobo a rea nqalo eo Modimo o buileng le yena ho yona lebitso la Bethele.


a haha aletare teng; mme motse oo a o rea Ele-Bethele, (Modimo wa Bethele), kahobane ke moo Modimo o nong o iponahatse ho yena, mohla a balehelang moholwane wa hae.


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


O re kgethetse lefa la rona, mokgabo wa Jakobo eo a mo ratang. (Sela.)


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.


A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ