Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 34:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 34:30
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

etlare ha Baegepeta ba o bona, ba ya re: Enwa ke mosadi wa hae! mme ba mpolaye, empa wena ba o lesele, o phele.


Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Abrame a haola naha ho ya fihla motseng wa Sikeme, difateng tsa eike tsa More; mme Bakanana ba ne ba le naheng eo mohlang oo.


Yaba qabang e hlaha mahareng a badisa ba mehlape ya Abrame le badisa ba mehlape ya Lota. Mehleng eo Bakanana le Baferese ba ne ba ahile naheng eo.


Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Le matlotlo a bona kaofela, le bana ba bona kaofela, le basadi ba bona ba ba hapa, mme ba nka le tsohle tse neng di le ka matlung.


Ba re: Na kgaitsedi ya rona e ka etswa jwaloka seotswa na?


Batho kaofela ba tlileng le Jakobo Egepeta, ba tswileng lethekeng la hae, e ne e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng kantle ho basadi ba bara ba Jakobo.


Bara ba Josefa, bao a ba tswaletseng naheng ya Egepeta, ba ne ba le babedi. Batho kaofela ba ntlo ya Jakobo ba neng ba tle Egepeta ba ne ba le mashome a supileng.


Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa.


Ya eba sera ho Iseraele tshiung tsohle tsa Salomone; a totisa tsietsi tse hlahiswang ke Hadade; o ne a hloile Iseraele, mme o ne a busa Siria.


Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.


Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


E ne e sa le batho ba seng bakae; ba ne ba le banyenyane, e ne e sa le basele ho lona,


Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida, Hanune le bana ba Ammone ba romela ditalenta tse sekete se le seng tsa silefera ho adima makoloi le bapalami ho Basiria ba Mesopotamia, le ho Basiria ba Maaka le ba Tsoba.


Mora wa Karmi ke Akare, moferekanyi wa Iseraele ya kileng a tlola molao wa ntho tse neetsweng anathema.


Enere ba eso ho be bakae, ba sa fokotse, e sa le basele, ho lona,


ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.


Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele.


Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng.


Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.


leha e le setshwantsho sa phoofolo e leng teng lefatsheng, leha e le setshwantsho sa nonyana e rurang sebakeng,


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa hobane Saule o qhadile ba qhobosheaneng ya Bafilesta, le hobane Baiseraele kaofela ba fetohile ntho e nkgang hampe ho Bafilesta, setjhaba sa memelwa ho Saule, Gilgale.


Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.


Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.


Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ