Genese 34:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)25 Yare ka tsatsi la boraro ha ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, kgaitsedi tsa Dina, ba nka e mong le e mong lerumo la hae, ba ya, motse o iketlile, ba hlaba ba batona kaofela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE25 Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.