Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 34:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 34:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Efrone o ne a ahile hara bara be Hethe. Efrone, Mohethe, a araba Abrahama, bara ba Hethe le bohle ba fetang ka kgoro ya motse wa hae ba ntse ba mametse, a re:


Mohlankana ha a ka a tswafa ho etsa taba eo, kahobane a ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo; e ne e le yena ya hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ya ntatae kaofela.


Batho bana ba dutse ka kgotso le rona; eka ba ka dula naheng ena, ba hweba teng, etswe naha e le ena e phatlaletse ho ba lekana le bona; re tla inkela baradi ba bona e be basadi ba rona, mme re tla ba nea baradi ba rona.


Absalome o ne a tsoha e sa le hosasa, a ye ho ema pela tsela e yang kgorong ya motse; motho e mong le e mong ya neng a eya ho morena ka nyewe ya hae kahlolong, Absalome o ne a mo bitsa, a re: Wena nnyeo, o tswa motseng ofe? Eo ha a re: Mohlanka wa hao o tswa lelokong le itseng la Iseraele,


Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;


Ho lehlohonolo motho eo kgohlopo ya hae e tletseng bona! A ke ke a swaba kgotla, mohla ho tsekwang ditaba le dira.


Monna wa hae o tsejwa kgorong ya motse, ha a dutse hara banna ba baholo ba setjhaba.


Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng.


Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;


ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.


Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ