Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 34:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mohlankana ha a ka a tswafa ho etsa taba eo, kahobane a ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo; e ne e le yena ya hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ya ntatae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 34:19
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


Polelo tsa bona tsa kgahlisa Hamore le Sikeme, mora wa Hamore.


Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:


Dikgomo tse otileng tsa meketa, tsa eja dikgomo tse supileng tsa pele, tse nonneng.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Jaebetse yena o ne a hlompheha ho ena le banababo; mme mmae o ne a mo reile lebitso la Jaebetse, ka ho re: Ke mo tswetse ka bohloko.


O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.


Ka baka leo, setjhaba sa ka se se se ya kgolehong se sa lemohe, baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Ba bangata hara bona ba ba ba dumela, le basadi ba hlomphuwang ba Bagerike, le banna ba bangatanyana.


Akimeleke a arabela morena, a re: Hleka ke mang ho bahlanka bohle ba hao ya kang Davida ka bokgabane? Ebile ke mokgwenyana wa morena, ya ntseng a tsamaya ka taelo ya hao, ya hlomphuwang ka tlung ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ