Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 34:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ba re ho yena: “Re ke ke ra etsa ntho e kang ena, ra nea kgaitsedi ya rona leqai, hobane hoo ho ka re tlontlolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 34:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.


Motho e motona wa leqai ya sa bolotswang nameng ya hae, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa hae, hobane o sentse selekane sa ka.


Bara ba Jakobo ba araba Sikeme le Hamore, ntatae, ba bua ka mano, kahobane o ne a sentse Dina, kgaitsedi ya bona,


Feela moo re ka le dumellang, ke ha le eba jwaloka rona, mme e mong le e mong e motona ho lona, a bolotswe;


Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


Eitse hobane ho fete dilemo tse nne, Absalome a re ho morena: A nke ke ye Hebrone, ke lefe kano eo ke e anetseng Jehova.


Mangolo ao o ne a ngodile, a re: Bolelang letsatsi la ho itima dijo, le bee Nabothe kapele ho setjhaba;


Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.


mme a ba romela Bethlehema, a re: Eyang le botsisise ditaba tsa ngwana haholo; mme etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke ye, ke mo kgumamele.


A ntoo fuwa letshwao la lebollo, e tle e be tiiso ya ho loka ha tumelo, hoo a bileng le hona ha a eso ho bolle; e tle e be yena ntata bohle ba dumelang, leha ba sa ka ba bolla, hore le bona ba tle ba ballwe ho loka;


Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ