Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 33:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 33:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrame a haola naha ho ya fihla motseng wa Sikeme, difateng tsa eike tsa More; mme Bakanana ba ne ba le naheng eo mohlang oo.


Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.


Yaba Labane o fihlela Jakobo. Jakobo o ne a hlomile tente ya hae thabeng, mme Labane le banababo le bona ba hloma thabeng ya Gileade.


Modimo wa boela wa iponahatsa ho Jakobo a se a kgutlile Paddan-Arame, wa mo hlohonolofatsa.


Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.


Ke bona bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo Paddan-Arame, le Dina, moradi wa hae. Bara ba hae le baradi ba hae kaofela e ne e le batho ba mashome a mararo a metso e meraro.


Haele nna, ya na ya re ha ke kgutla Paddane, ka shwelwa ke Ragele naheng ya Kanana, tseleng, ho sa setse sebaka se seng sekae ho ya fihla Efrata, mme ka mo pata teng tseleng e yang Efrata, ke ho re, Bethlehema.


Modimo o boletse sehalalelong sa wona, wa re: Ke tla hlola! Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.


ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.


Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.


Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae.


Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.


Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.


Abimeleke, mora Jerubbaale, a ya Sikeme ho bomalomae, mme a bua le bona, a bua hape le bohle ba ntlo ya ntata mmae, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ