Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 33:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke kopa hore morena ka a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla tsamaya butle, ke iketlile, ho latela mokgwa oo dikgomo tseo ke di qhobang di tsamayang ka wona, le ho latela mokgwa oo bana ba tsamayang ka wona, ho fihlela ke fihla Seire, ho morena wa ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 33:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


a a laela, a re: Le tle le re ho Esau, morenaka: Jakobo, mohlanka wa hao, o re: Ke ne ke jakile ho Labane, ka dula teng ho fihlela jwale;


Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.


Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Morena Jehova o re: Erekaha Moabe le Seire ba itse: Bonang, ntlo ya Juda e tshwana le ditjhaba tsohle;


A nna a ba bolella lentswe la Modimo ka ditshwantsho tse ngata tse jwalo, kamoo ba neng ba ka lokela ho utlwa kateng.


Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.


Ke le fepile ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng; hobane le ne le sa lokela tsona, le jwale di sa ntse di ka le sita,


Ra sokoloha, ra leba nqa lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, kamoo Jehova a neng a mpoleletse kateng, mme ra potoloha thaba ya Seire ka ditshiu tse telele.


Oho, Jehova! e kile yare ha o tloha Seire, ha o tloha naheng ya Edomo, lefatshe le kile la reketla, mahodimo a qhibidiha, le maru a rotha metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ