Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 33:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Jakobo a re: “Tjhe bo, ke a o rapela; haeba o nkgauhetse, amohela mpho eo ke o neang yona, hobane ke bone sefahleho sa hao, jwalokaha eka ke bona sefahleho sa Modimo, mme wa nkamohela ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 33:10
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.


Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.


Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!


Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Eitse hobane matsatsi a bofifi ba hae a fete, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a lona, a le keng le bue ditsebeng tsa Faro, le re:


Morena a mpa a re: A ke a ye tlung ya hae, a se ke a bona sefahleho sa ka. Kahoo, Absalome a ya tlung ya hae, a se ke a bona sefahleho sa morena.


Absalome a dula lemo tse pedi Jerusalema, a ntse a sa bone sefahleho sa morena.


Absalome a re ho Joabe: Bona, nkile ka romela ho wena, ka re: Tloo kwano, ke tle ke o romele ho morena, ka ho re: Ke tlohetseng Geshure? Ho ka be ho le molemo, hojane ke sa le hona teng. Jwale, a nke ke bone sefahleho sa morena; leha ke ena le molato, a mpe a mpolaye.


Davida a re: Ke teng, ke tla hlaba selekane le wena; ke mpa ke batla taba e le nngwe feela ho wena, ke re, o ke ke wa bona sefahleho sa ka, haese ha o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, ebe mohla o tla tla mpona.


Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.


Pontsho ho nna ya hobane o a nthata, ke hoba ha o lese eo e leng sera ho nna hore a ithoke ka nna.


Ho itswe ke Jehova: Setjhaba se siilweng ke lerumo se bone mohau lefeelleng; a re yeng, re tle re nee Iseraele phomolo.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


ba tla bona sefahleho sa wona, mme lebitso la wona le tla ngolwa diphatleng tsa bona.


Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ