Eitse ha meso e hlaha, mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi ba leng mona, esere mohlomong wa timela tshenyehong ya motse ona.
Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.
Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!
Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.
Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.
Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.
la re: Bona, Jehova, Modimo wa rona, o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae; re utlwile lentswe la hae, le buang le le hara mollo; re bone kajeno ha Modimo o bua le motho, mme motho a phela.
Kahoo, Gideone a bona hobane ke lengeloi la Jehova. Gideone a re: Ho madimabe nna, Monghadi Jehova, hobane ke bone lengeloi la Jehova, re tadimane difahleho le lona!
Ha a tloha teng, a fihla Penuele, a bua le ba teng ka wona mokgwa oo, mme batho ba Penuele ba mo fetola jwalokaha batho ba Sukkothe ba ne ba mo fetotse.