Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 32:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 dipodi tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi, dinku tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 32:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna eo a rua haholoholo, a ba le mehlape e mengata, le bahlanka ba batshehadi, le bahlanka ba batona, le dikamele, le diesele.


Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.


Hobane letlotlo lohle leo Modimo o le amohileng ntata rona, ke la rona le la bana ba rona; etsa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.


Modimo o amohile ntata lona mehlape ya hae, o nneile yona.


A hlola teng bosiu boo, mme a nka ho tse leng diatleng tsa hae ho nyehella Esau, moholwane wa hae:


dikamele tsa ditswetse tse mashome a mararo le dikamelana tsa tsona, dikgomo tse mashome a mane le dipoho tse leshome, diesele tse tshehadi tse mashome a mabedi le dieselana tse leshome.


Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.


Mpho ke lehakwe la bohlokwa ho ya e newang; hohle moo e kenang, e a hlola.


O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ