9 Modimo o amohile ntata lona mehlape ya hae, o nneile yona.
9 Modimo o amohile ntata lona diphoofolo tsa hae, mme a nnea tsona.
Dinku tsa itlhokisa pela dithupa, tsa tswala dikonyana tse tshasana, le tse thoboshana, le tse mebalabala.
Jakobo a utlwa dipolelo tsa bara ba Labane, ba re: Jakobo o inketse ntho tsa ntata rona kaofela, mme o ruile letlotlo lena lohle ka tsa ntata rona.
Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.
Hobane letlotlo lohle leo Modimo o le amohileng ntata rona, ke la rona le la bana ba rona; etsa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.
dipodi tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi, dinku tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi:
hobane diphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le wona makgomo a fulang dithabeng ka dikete;
Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.
Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?