Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:55 - Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Hosasa Labane a tsoha, a aka bara ba hae le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa. Yaba Labane o tloha, a kgutlela ha habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

55 Labane a tsoha ka madungwadungwana, a aka ditloholo tsa hae, le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa, yaba o a tsamaya, o kgutlela ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:55
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o a ikela; ha a se a qetile ho bua le Abrahama; mme Abrahama a kgutlela ha hae.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!


Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.


Eitse hobane Ragele a tswale Josefa, Jakobo a re ho Labane: Ntokolle, ke ye heso, lefatsheng la heso.


Ha o a ka wa mpha sebaka sa ho aka bara ba ka le baradi ba ka. Jwale, o entse ka bothoto, ha o entse jwalo.


Labane a fetola Jakobo, a re: Baradi bana ke baradi ba ka, mme bara bana ke bara ba ka, mehlape ena ke mehlape ya ka, mme tsohle tseo o di bonang ke tsa ka; nka etsang kajeno lena ho baradi ba a ba ka, le ho bara bao ba ba tswetseng?


Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.


Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Balake a re ho Balaame: Na o nkentseng? Ke o bitsitse ho rohaka sera sa ka, mme jwale o hlile o se hlohonolofaditse!


Jehova a kenya mantswe molomong wa Balaame, a re ho yena: Kgutlela ho Balake, mme o mmolelle hore hoitseng.


Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng?


Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.


Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ